LESOTHO HIGHLANDS WATER PROJECT

LESOTHO HIGHLANDS WATER PROJECT

Karabelo ea Litletlebo tsa Sechaba Malebana le Mats'eliso

PHATLALATSO EA LITABA

Fumana Phatlalatso ena ka Sekhooa Mona

Maseru - 3 Phupjane 2003

Ntlo-kholo ea Setsi sa Morero oa Metsi a Lihlaba e manolla tsa Leano la Mats’eliso ho arabela litletlebo tsa sechaba ka ts’ebetso ea Leano.

Setsi sa Morero oa Metsi a Lihlaba se ithutile ka litletlebo tse ntseng li hlahella maselinyaneng, se amanang le ts’ebetso ea Leano la Mats’eliso ho sechaba se anngoeng ke ts’ebetso ea Morero oa Metsi a Lihlaba. Bookameli ba Setsi bo se bo nka monyetla ona ho hlakisa tsa Leano la Mats’eliso hammoho le phano ea lona. Hape bo tla fana hakhuts’oane ka leseli la sebopeho le ts’ebetso tsa Morero.

Motheo oa Selekane sa Morero oa Metsi a Lihlaba

Morero oa Metsi a Lihlaba ke morero o kopanetsoeng ke mebuso ea linaha tse peli tsa Lesotho le Riphaboliki ea Afrika Boroa  ka sepheo sa ho bokella metsi a lihlaba tsa Lesotho ho a fetisetsa ho la Afrika Boroa, ho fehla motlakase le ho etsa mesebetsi e fapakaneng ea ntlafatso Lesotho. Selekane sena sa ts’ebetso se lumellanoe ka la 24 Mphalane, 1986 mona Maseru.

Lesotho le se le fumane melemo e mengata ke ts’ebetso ena ea Morero. Re ka qoolla e latelang: Khoeli le khoeli naha ea Lesotho e fumana chelete e atamelang ho ba limilione tse  leshome le metso e ts’eletseng (M16m) bakeng sa ho fetisetsa metsi Gauteng. Chelete eo e fetela ka kotloloho ho’ Muso oa Lesotho ‘me e taolong ea ‘Muso ka hohle-hohle.

Lesotho le se le e-na le boiphihlelo ba ho iphehlela motlakatse ka mokhoa o moholo ka setsi sa phehlo ea motlakase ‘Muela. Pele motlakase oa Lesotho o ne o fumaneha ho tsoa Eskom ho la Riphaboliki le linokeng tse kang tsa bo-Mats’onyane le tse ling. Hajoale Lesotho le atametsa ho itjara litabeng tsa motlakase. Litsela tse phunyeletsang loti la Lesotho tse ahiloeng tlas’a ts’ebetso ea Morero li tlisa menyetla ea khoebo le ho akofisa maeto. Ts’ebetso ea Morero e tlisitse mesebetsi le menyetla ea mesebetsi bakeng sa Basotho. Ka ho la Riphaboliki teng, ‘Muso oa moo, o fumana metsi a hlokahalang ka nako ho fepela sechaba le ho fepela ts’ebetso tsohle tse hlokang ts’ebeliso ea metsi.

Ts’ebetso ea Morero oa Metsi a Lihlaba e ne e tlameha ho ama likarolo tsa maphelo a Basotho ka mekhoa e fapakaneng. Liphuphutso tse ileng tsa etsoa li hlile tsa bonts’a hore leha melemo e tla ba teng, empa ho tla ba le moo ho tla senyeha. Ke ka hona ho bileng le boithuto ba ts’enyo e lebeletsoeng ‘ me ha e-ba le liqeto tse fihletsoeng ho ts’elisa moo ho sentsoeng le ho lokisa moo ts’enyo e leng teng.

Leano la Mats’eliso le raloa le ho kenngoa ts’ebetsong

Ho tloha ka selemo sa 1986 ha selekane sa Morero oa Metsi a Lihlaba se tlaboloa, ho ile hoa thonngoa komiti ea Boeletsi (Advisory Board) ho tsa Mats’eliso ho sebelisana le Ntlo Kholo ea Setsi sa Morero. Ka 1990, Leano la Mats’eliso le ile la hlohonolofatsoa ‘me la kenngoa ts’ebetsong. Leha ho le joalo,lipuisano le therisano le ba amehang le ‘nile tsa tsoela pele.

Ba Setsi sa Morero ba ile ba lokisa mekhoa ea khokahano le ba anngoeng ho ts’ohla ho raloa ha Leano la Mats’eliso le ho le kenya ts’ebetsong. Ho bile le likomitjana tse neng li ts’oaroa lipuisano / therisano ke ba Morero le ba anngoeng, ha e-ba le lipitso le lithupelo tse ‘maloa moo bohle ba neng ba ithuta ka tsa ts’ebetso ea Leano. Ke liphuthehong mona moo ho bileng ha etsoa liqeto tsa bohlokoa tsa ho hlahloba liqeto, leano le mekhoa ea ts’ebetso tse qeteletseng ka hlopho-bocha ea leano la Mats’eliso la 1997.

Mebuso e ‘meli e ts’ehetsa ka ho tlala Leano lena, moo e hlomphang litokelo tsohle tsa ba lahlehetsoeng ke lithepa tsa bona molemong oa ts’ebetso ea Morero. Leano le supa ha motho ka mong le sechaba se anngoeng ba ts’oanela ke ho ts’elisoa ha ba lahlehetsoe ke lithepa tse joalo. Matlo a  bolulo, masimo, metebo, masaka, mabitla ekasitana le lekhulo le neng le ba hlahisetsa joang bakeng sa liphoofolo, meriana ea Sesotho, meroho, majoang a bohlokoa, libeso, joalo-joalo, ke tse ling the tsa lithepa tse anngoang ‘me tse ts’elisoang.

Ha letamo la Katse le ahoa ke mobu oa temo o boholo ba hekthara tse sekete le makholo a mahlano (1 500hactares) ha mobu oa lekhulo ona ebile l;ihekthara tse likete tse peli le makholo a robeli ( 2 800ha). Khaho ea letamo la Mohale lona le sentse mobu oa temo oa lihekthara tse makholo a supileng a metso e meraro ( 730ha) le mobu oa lekhulo oa boholo bo fetang lihekthara tse sekete le makholo a ts’eletseng (1 642ha). Malapa a lekholo le mashome a mane a metso e meraro (143), moaho oa kereke e le ‘ngoe le likolo tse peli li ile tsa anngoa ke ts’ebetso ea khaho ea letamo la Katse. Ka ha Mohale teng, ke malapa a makholo a mararo mashome a  mabeli a metso e mehlano a anngoeng ke khaho ea letamo le tonnoro. Kakaretso ea malapa a anngoeng ke ts’ebetso ea morero ea mokhahlelo oa pele (Phase1) ho se ho kenyeletsoa le libaka tsa bo ‘Muela, Ha Thetsane, Ts’ehlanyane, Pelaneng,  joalo-joalo, ke likete tse tharo le makholo a mane, (3 400) lenane lena le kenyeletsa le ba anngoeng ke ts’ebetso ea litsela.

 Setsi se hlakisa hore mats’eliso bakeng sa tahlehelo ea makhulo, a ne a lefshoa ka furu. Empa, ho latela lipuisano le ba amehang joaloka ha ho boletsoe ka holimo, qeto ebile hore chelete eo ea furu, e fuoe sechaba se anngoeng hore se phethe mesebetsi ea ntlafatso ea boitherelo ba sona. Ho bile le tiehiso e kholo ea ho phethahatsa tefo ea lichelete tseo tsa makhulo kaha joale mokhoa ona oa tefo ea mats’eliso o ne o qosa hore sechaba se ipope se be le boemo ba molao (legal entity), se thehe likomiti tsa likoporasi tse tlang ho bebofatsa hore ba Setsi ba nehelane ka chelete letseteng la molao. Kaholimo ho moo, ho ile ha nka nako hore sechaba se rupelloe ka tsa ts’ebetso ea likoporasi le ho rala mesebetsi e tla tlisa boipheliso ba nako e telele.

Ke feela ngoahola Setsi se tsebileng ho lefa chelete tsa mats’eliso a makhulo moo ‘Muela ho lefiloeng chelete e kaalo ka M960 000 e lefa likoprasi tse ‘ne. Tikolohong ea Katse teng ha lefshoa chelete e kaalo ka limilione tse ‘ne (M4m), ho likoporasi tse leshome le metso e supileng ‘me Ha Mohale teng chelete e patetsoeng ebile likete tse makholo a mane (M400,000) ho likoporasi tse peli.

Ke boitlamo ba Morero oa Metsi a Lihlaba ho ts’elisa bohle ba anngoeng ke ts’ebetso ea Morero. Leano lena le ntlafalitsoe likarolo tse ‘maloa  tseo haeba e ne e le mafapha a mang a ‘Muso, mats’eliso a joalo a na s’o tl’o phethahatsoa.

Mona ke mohlala oa se boleloang ka ho lefa mats’eliso ‘me ho entsoe papiso e ts’oanang le mats’eliso a fanoang ke mafapha a mang a ‘Muso.

Mats’eliso a

Setsi sa Morero oa Metsi a Lihlaba

Lefapha la Meralo le Bo-potiele

Lefapha la Litsela tsa Mahaeng

Ts’imo

Lefa M1 800 /ha boholo bo fetang 1000sq.m e ipapisitse le kholo ea moruo, ka lilemo tse 50 kapa kotuliso ea lilemo tse 50 ea poone, linaoa le lierekisi ka boima ba 970kg le 30kg ka tatellano kappa motho a ikhethela ho amohela chelete e M37 000.00

 

Mosebelisi o tla fumanela motho ts’imo e ‘ngoe

Ts’ebetso qoba ka hohle-hohle ho ama masimo. Moo ebang ts’ebetso e ka ama karolo ea ts’imo, motho o tla fuoa peo ‘me hona ke tso e tsahalang hang feela

Ntlo ea bolulo (ho akaretsa le lithepa le litlatsetso tse ling tse phethahatsang lehae)

√Setsi se etsa ka matla ho fumanela motho sets’a

√ Ntlo ho latela boholo ba bolulo ba ntlo ea pele

√ E pataloa M2 500 sq.m

√lesaka e-ba M30 mithara

√Meaho e meng e-ba M200 sq.m

√Terata e-ba M6 000 lelapa

√Ntloana e-ba M1 250 lelapa

√Mangolo a bopaki ba thuo ea sebaka e-ba M1 800 lelapa

√ Ho falla e-ba M6 000 kapa M12 000 ka lilemo tse tharo

√ Chelete ea phahamiso ho latela boemo ba moruo ba lelapa e-ba M3 960.00 kapa phapang, ka lilemo tse 10

 

Motho of fumana mats’eliso a chelete a ntlo e mo senyehetseng

Motho of fumana mats’eliso a chelete a ntlo e mo senyehetseng

Seratsoana

 

 

 

Sefate sa litholoana

 

Sefate seo eseng sa litholoana

√Se lefshoa M300 sq.m lilemo tse 50 kapa M6 195 hang

√ E-ba M70 sefate ka seng, lilemo tse 10 kapa M579.00 hang

√ E-ba M25 sefate ka seng lilemo tse 10 kapa M207 hang

 

 

 

Mabitla

 Le epolloa kappa ho fallisoa ka lits’enyehelo tsa M3 000.00 lelapa

Lits’enyehelo ke tsa mosebelisi oa mobu

 

Sebaka sa  Lekhulo

 

 

√ Lekhulo

 

 

 

√Meroho ea naha

 

 

 

 

√Meriana ea naha

 

 

 

√majoang a bohlokoa

 

 

 

√libeso

Chelete e lefshoa polokelong ea banka

 

M560.00/ha lilemo tse 50 kapa M11 565.00 /ha hang

 

M200.00 lelapa lilemo tse 50 kapa M4 130 hang

 

 

M100.00 lelapa lilemo tse 50 kapa M2 065.00 hang

 

M110.00 lelapa lilemo tse 50 kapa M2 272 hang

 

M250.00 lelapa lilemo tse 50 kapa M 5 163 hang

 Litholoana tsa ntlafatso e reriloeng li tla anela bohle. 

Litholoana tsa ntlafatso e reriloeng li tla anela bohle

Monamoli o kena Lipakeng.

Ntlo-kholo ea Setsi e amohela ka botlalo ts’ebetso ea Monamoli ea ho kena lipakeng ka sepheo sa ho batalatsa makukuno a teng pakeng tsa Setsi le sechaba se anngoeng ke Morero hore ho tle ho be le kutloisiso e batsi ea ts’ebetso ea Leano la Mat’seliso e akareletsang le Sechaba sohle sa Basotho. Likhothaletso tsa Monamoli li tla amoheloa, ‘me li hlahlojoe hantle ho bona hore na li ka kenngoa ts’ebetsong joang. Leha ho le joalo, methati e meng eo litletlebo li ka sebetsoang ka eona, e ntse e buletsoe mahlakore ohle ho fihlela tharollo e lebisang ts’ebelisanong ‘moho le kutloisisano li ka fihlelloa kahohle-hohle.

Qetello ea Molaetsa


Ha u hloka leseli le pharaletseng ka litaba tsena le tse ling, botsa Mookameli oa Liphatlalatso Monh. Tsotang Moeketsi, mokatong oa boraro Posong, Mohala ke 22 318 573, Cell 58 857 202, 58 853 128