|
|
Tsebiso ea ho bulela Metsi letamong la Katse ka la 30 Phutjane – 1 Phupu, 2005 Setsi sa Morero o Moholo oa Metsi a Lihlaba (LHDA) se u tsebisa hore metsi a tla buleloa letamong la Katse ka la 30 Phuptjane hoseng, ha nako e le hora ea borobeli, ho isa letsatsi le hlahlamang la la 1 Phupu, ha nako e le hora ea bohlano. Metsi a tla buleloa ka sekhahla sa phahameng ho feta setloaeling ka lipalo tsa likete tse mashome a mabeli a metso e ts’eletseng a lilithara ka motsotso o le mong, m (26,000litres/second). Re u tsebisa ke hona ho phatlalletsa sechaba ka ts’ebetso ena e tlang ho phethoa, e le hore se be hlokolosi ts’ebelisong ea noka ea Malibamats’o tlaase ho lebota la letamo ho tloha ha Katse ho theosa ho ea Thaba-Tseka matsatsing a la 30 Phuptjane ho isa la 2 Phupu, 2005. Tsebiso e etsoa ho qoba likotsi le tahlehelo ea maphelo a batho, liphoofolo le thepa nakong e boletsoeng ka holimo. Joaloka mehla, re tla leboha ts’ebelisano ‘moho ts’ebetsong ena. Oa hau Mohlanka E.L.
Potloane Mookameli
e Moholo oa Setsi sa Morero PHATLALATSO EA TABAMASERU, 24 Phuptjane, 2005KA KOPO ELELLOA PHETHOHO EA MOLAETSA. MOLAETSA ONA O NKA SEBAKA SA O TSOILENG PEJANA LETSATSING LENALHDA E BULELA METSI MATAMONG A KATSE KA LA 30 PHUPTJANE-2 PHUPU, 2005 Setsi sa
Morero o Moholo oa Metsi a Lihlaba (LHDA) se phatlalletsa sechaba hore metsi a
tla buleloa matamong a Katse le Mohale ho tloha ka la 30 Phuptjane hoseng, ha
nako e le hora ea borobeli, ho isa la 2 Phupu, ka nako ea borobeli, hoseng. Metsi a tla buleloa ka sekhahla sa phahameng ka lipalo tsa likete tse mashome a mabeli a metso e ts’eletseng a lilithara ka motsotso o le mong (26,000litres/second). Hona ke bongata ba metsi a atamelang limillione tse hlano tsa lilithara. Ka hona, mokhamo oa noka ea Malibamts’o o tla phahama ho feta ka moo o lebeletsoeng kateng nakong ena. Sepheo sa ts’ebetso ena se ipapisitse le boitlamo ba selekane sa Morero oa Metsi a Lihlaba ka ho fepela karolo tsa noka tse tlaase ho mabota a matamo ka metsi a hopoletsoeng ho nts’etsapele boemo ba tlholeho, boipheliso ba liphoofolo le batho. Phatlalatso e etsoa hore sechaba se phelang tlaase ho lebota la Katse ho theosa ho fihlela Thaba-Tseka, se be hlokolosi ts’ebelisong ea noka ea Malibamats’o, matsatsing a la 30 Phuptjane ho isa la 3 Phupu, ho se qobisa likotsi le tahlehelo ea maphelo a ka bakoang ke ts’ebetso e boletsoeng ka holimo. Pheletso ea phatlalatso…………………. Bakeng sa leseli le feletseng ka taba ena le tse ling tsa Morero, iteanye le Mookameli oa Lekaleng la Liphatlalatso le Likamano, Monghali Tsotang Moeketsi, mokatong oa bone Lesotho Bank Tower kappa mohaleng oa 22 311 280 kapa oa thekeng, 58 857 202.
PRESS
RELEASE Maseru- 24 June, 2005PLEASE NOTE CHANGES OF
NEW INFORMATION PROVIDED. MESSAGES SUPERCEDES PREVIOUS ONE
SENT EARLIER TODAY.
THE LHDA RELEASES WATER FROM KATSE DAM FROM 30 JUNE- 2 JULY, 2005The
Lesotho Highlands Development Authority (LHDA) informs the public that water
will be released from Katse dam from 30 June, 2005 at 08:00hrs to 2 July at
08:00hrs and at a rate of 2.6 cubic metres per second. The release is in keeping with the Lesotho Highlands Water Project Treaty requirement wherein In-stream Flow Requirements must be effected downstream of the LHWP dams to ensure sustainability of livelihoods for communities and maintenance of ecological resources along the length of Malibamats’o river from Ha Katse to Thaba-Tseka. The press release is intended particularly to advice members of the public downstream of Katse dam to exercise great caution in their daily use of the Malibamats’o river stretch to avoid threats to lives and property during period 30 June – 3 July, 2005. End of Message……… For
this and any other information on activities at the LHDA, please do not hesitate
contact the Public Relations Manager, Mr. Tsotang Moeketsi on 4th
Floor Lesotho Bank Tower, or on phone, 22 311 280 or his mobile cell at 58 857
202
© Copyright: Lesotho Highland Water Project |
s website is under reconstruction, we apologise for the inconsistancy among web documents.